Thaba-Tseka ke setereke se kahare ho maloti a Lesotho se ileng sa phatlalatsoa e le setereke ka selemo sa 1980. Ke setereke sa moraorao ho phatlalatsoa ele ho eketsa litereke tsa Lesotho ho isa ho tse leshome.
Mona ke toropo ea setereke sa Thaba-Tseka ‘me lebitso la teropo le lona ke Thaba-Tseka.
Thaba-Tseka, e le setereke, e bophara ba 4,270 ea sekoere sa likilomitara, kahar’a naha ea Lesotho e etsang 135,347 sekoere sa likilimotara.
Litoropo kapa metse e meholo ea Thaba-Tseka ke e kang: Mantsonyane, Mashai, Sehong-Hong le Lesobeng. Ke setereke se lutseng khubung ea Lesotho mme se arolelana meeli le litereke kaofela haese Mafeteng le Quthing. Ke sebaka se batang ho feta karhar’a naha ea Lesotho.