Mopresidente oa Afrika Boroa Cyril Matamela Ramaphosa o phatlalitse ka la 1 Hlakola monongoaha pebofatso ea lipehelo tsa thibelo ea lefu la Corona (Covid-19), a bula metsamao, likhoebo tsa lijo le lino, ‘moho le likereke.
Leha holejoalo, Monghali Ramaphosa o itse mafung teng ho ntse ho setse pehelo ea hore ho be teng batho ba sa feteng mashome a mahlano, ho kenyeletsoa litho tsa lelapa le ba tlileng ho thusa. Libaka tsa boithabiso le tsa boithapollo mabopong a maoatle le tsona li butsoe.
A re metsamao ea batho e se e tla lumelloa feela lipakeng tsa hora ea bone ka meso le hora ea leshome le motso mong ka phirimana. Ka ho nyehlisoa hona, batho ba seka ba itulela le ho inoella joala, ho ja lijo lichuraneng ho tloha ka hora ea leshome hoseng ho fihlela ka hora ea leshome phirima.
Ho buleloa hona ho tla kenyeletsa libaka tse ‘maloa tsa boithabiso tse kenyeletsang lisinema, lithietha, likhasino, matangoana a ho sesetsa, libaka tsa boikoetliso le boithapollo le tse ling joalo-joalo.
Phatlalatso ena ea Monghali Ramaphosa, e thabisitseng Ma-Afrika Boroa le linaha tse ahisaneng le eona, o re e susumelitsoe ke ho theoha hoa sekhahla sa tšoaetso ea Corona le hore litila-tile tsa mahlatsipa tse neng li se li imela lipetlele, li fokotsehile.
Monghali Ramaphosa o re bonyane ho theoha hoa tšoaetso ho fokotsehile ka linoko tse mashome a mane lekholong. A re leha holejoalo naha e ntse e kaba tsietsing e kholo haeba sechaba se ka se itlhokomele le ho natsa lipehelo tsa bophelo bo botle tsa ho ipoloka, kaha naha e ntse ele tsiesting ea ho eketseha hoa tšoetso ka sekhahla ka mokhoa o nyarosang.
Afrika Boroa ke naha e amehileng ka ho fetisisa tikolohong ea Afrika kaha batho ba seng ba tšoaelitsoe ba feta milone le halofo, ‘me hara bona ho se ho shoele ba likete li mashome a mane a isang metsong e mehlano.
O itse ho hlompha lipehelo le ho ipaballa hoa sechaba ke hona ho entseng hore ebe sekhahla sa tšoaetso se theohile ‘me a leboha ma-Afrika Boroa ka ketso eo e babatsehang.
Polelo ena ea Monghali Ramaphosa e tlile lihora li se kae kamora hore a amohele moqeqeko oa pele oa ente ea Corona boema fofaneng ba OR Tambo ea moetso oa AstraZeneca ho hlaha naheng ea India.