Maparamente a Lekhotla la Kopano ea Sechaba (Alliance of Democrats – AD), e leng bahlomphehi Dr Mahali Phamotse le Mokherane Tsatsanyane moo ba qosoang ka ho ba le sethunya se seng molaong, e chechiselitsoe ka la 20 ‘Mesa isao.
Nyeoeng ena ho bile ho kenyeletsoa le moena oa Mohlomphehi Tsatsanyane e leng Moorosi Tsatsanyane.
Ho ea ka lengolo la qoso, sepolesa se re boraro bona bo tlotse melao e laolang libetsa (Internal Security Arms and Ammunition Act) ka hore bahlomphehi ba ile ba fumanoa mabaleng a paramente ba na le sethunya sa moetso o bululang lihale (pump action) le lihale tse peli.
Qoso e re ba ile ba fumanoa ka la 6 la khoeli ea Pulungoane monongoaha, ‘me ka ho etsa joalo ba tlotse temana ea boraro, temananyana ea pele le ea bobeli ka masakaeneng le ‘a’ e koaletsoeng ea molao oa tšireletso ea naha tlasa taolo ea libetsa oa 1966 (Section 3 (1) (2) (a) and Section 43 (1) of Internal Security (Arms and Ammunition) Act no 17 of 1966 as amended by Act no 4 of 1999.)