Mokhatlo oa Lesotho oa batšoaruoa ba mehleng (Crime Prevention Rehabilitation and Reintegration of Ex-offenders Association – CRROA) o tiisitse boitlamo ba oona ba ho tsoela-pele ho aha likamano tse mofuthu lipakeng tsa sechaba le batšoaruoa ba mehleng.
Mokhatlo ona o neng o thehoe ka 2009 o boetse hape o ikemiselitse ho kenya letsoho le toma toantšong ea litlolo tsa molao Lesotho.
Kajeno ho Re Phura Leshoetla re etetsoe ke Monghali Mothobi Mothobi, ’me eena o bua le rona ka mokhatlo oa habo le mesebetsi ea oona.
Mosotho: Rea u amohela ntate. Mokhatlo oa CRROA o ne o thehoe ka mabaka afe?
Mothobi Mothobi (MM): Mokhatlo ona o ile oa thehoa ka selemo sa 2009, ’me oa ngolisoa ka molao selemong sa 2010 ka khoeli ea Phato. Mabaka a ileng a susumetsa hore mokhatlo ona o thehoe a mangata haholo. Haele hantle mokhatlo ona o thehiloe e le boikopanyo ba batšoaruoa ba mehleng, ’me boikopanyo boo bo qalile khale haholo nakong eo bathehi ba mokhatlo ona ba neng ba sa le litlamong.
Mosotho: Na ekaba mohlomong mokhatlo o ile oa thehoa ka lebaka la maemo a neng a le teng lichankaneng tsa Lesotho ka linako tseo tse fetileng?
MM: Haele hantle, ’na le bo-mphato oa ka re ile ra etsa boithuto bo tebileng ka taba ea hore na ke hobaneng ha batšoaruoa ba bangata ba lula ba khutlela litlolong tsa molao le chankaneng kamor’a hore ba lokolloe. Hape re ile ra leka ho fumana hore na ke eng eo batšoaruoa ba ka e etsang ka bobona ho leka ho fetola maphelo a bona. Tabeng ena re ile ra kenyeletsa botsamaisi ba lichankana, likereke le mekhatlo e ikemetseng le sechaba.
Mosotho: Le ile la fumana mathata a neng a tobile batšoaruoa haholo ka nako eo e le afe?
MM: E ne e le lilemong tsa bo-1990. Mathata a ne a le mangata haholo ka nako eno. Ha ke etsa mohlala, ka nako tseno ho ne ho se na monyetla oa hore batšoaruoa ba ka ntšetsa-pele lithuto tsa bona ba ntse ba le litlamong. Motho o ne a ea ka mono a sa tsebe ho bala le ho ngola, a be a khutle a ntse a le joalo. Ho ne ho se na le monyetla feela oa ho ithapolla ka lipapali. Mokhoa oa ho ja le oona o ne o se motle haholo. Ho feta mona, bothata bo bong e ne e le ba mafu a mangata a kenyeletsang HIV/ AIDS le a mang. Litaba tsena kaofela li ile tsa re tlama hore re fumane mokhoa oa boikopanyo, ’me ke ha ho tla maikutlo a hore re thehe mokhatlo. Mathata ana ao ke a boletseng mona a ile a qala ho lokisoa ke botsamaisi ba lichankana. Ke ka hona morao tjena re bonang batšoaruoa ba se ba na le monyetla oa ho kena sekolo. Hape ba fuoa le thuto e matla ka litaba tsa HIV le AIDS le hona hore ba ke ba ithapolle ka lipapali tsa mefuta-futa, ’me kajeno ho bonahala phetoho leha e le hore mona le mane ho ntse ho e-na le liqholotso.
Mosotho: Ho thehoa hoa mokhatlo oo ho qhololitsoe haholo ke mathata ao batšoaruoa ba tobaneng le ’ona nakong eo ba leng litlamong feela kapa leha ba se ba tsoile?
MM: Hantle re shebile taba ena ka mahlakore ao a mabeli. Ha motšoaruoa a sa fumane tlhabollo e lokelang o tla thulana le mathata h’a khutlela sechabeng.
Mosotho: Ke mesebetsi efe eo mokhatlo o e etsang?
MM: Re etsa mesebetsi e mengata haholo joaloka ho fana ka tšehetso e hlokahalang ho batho bao e kileng ea e-ba batšoaruoa. Mona seo re se etsang ke ho fana ka botšehetsi hore motho ea ileng a tšoaroa a fumane mekhoa ea ho phela. Hape re thusana ho aha likamano tse ntlafetseng lipakeng tsa sechaba le batšoaruoa ba mehleng. Mona re sebeletsa ho aha tšepo le kutloano lipakeng tsa sechaba le motšoaruoa oa mehleng. Re boetse hape re fana ka lithupelo tsa mesebetsi ho batšoaruoa ba mehleng. Re etsa sena e le ka sepheo sa ho ba hlomella hore ba tle ba itšoarele ka matsoho a bona. Mohlala oa taba ena ke hore re se re na le mesebetsi e ’maloa joaloka temo le ho betla lejoe. Mosebetsi o mong oo re o etsang ke ho leka ho kopanya mahlatsipa a litlolo tsa molao le batho ba ba utloisitseng bohloko. Seo re se etsang mona ke ho leka ho tlisa poelano le tšoarelano mahlakoreng ana a mabeli. Tumelo ea rona ke hore ketso ena e tlisa khotso ea ’nete lipakeng tsa batšoaruoa ba mehleng le sechaba seo ba phelang ka hare ho sona. Re boetse hape re kopanya le malapa. Hangata ha motho a ile a ea teronkong, ha a khutla e ba bothata hore a fumane kamohelo ka hare ho lelapa la hae. Joale re le mokhatlo re kena lipakeng maemong a joalo, ’me re thusana le lelapa ho leka ho lokisa litaba. Re se re ile ra fihlela katleho e kholo litabeng tse kang tsena; re ile ra etsa mosebetsi o atlehileng haholo koana Marakabei (Maseru) le Semonkong. Ntho e ’ngoe e kholo eo re e etsang ke ho etela bana likolong moo teng re ba fang lithupelo tse matla tabeng ea thibelo ea tlolo ea molao le hore na ba ka li qoba joang. Ntho eo rona re lumelang ho eona mokhatlong mona ke thibelo e seng toantšo ea litlolo tsa molao. Re lokela ho sebetsa ka thata ho thibela tlolo ea molao e le hore batho ba se ke ba ea teronkong.