Mokha oa lipolotiki o susumelitsoeng haholo ke mathata a Basotho malibohong a Lesotho le Afrika Boroa o hlahisitsoe sechabeng ke monghali Tšoanelo Ramakeoane, eo a seng mocha lipolotiking tsa Lesotho kaha a bile mekheng e ‘maloa pele.
Setla-bocha sena lebitso la sona ke Alliance for Free Movement (AFM) ‘me monghali Ramakeoane o hlalosittse ha mokha ona o tlilo loanela ho bona hore Lesotho le Afrika Boroa li fetoha naha e le ‘ngoe e le ho netefatsa bolokolohi ba metsamao ea sechaba le ho rarolla mathata ao Basotho ba kopanang le ona malibiohong.
Monghali Ramakeoane ea khephohileng ho mokha oa Movement for Economic Change (MEC) hammoho le litho tse ling, o itse bathehi ba mokha oa AFM hase ba tsoang ho MEC feela empa ke ba tsoang mekheng eohle ea lipolotiki Lesotho la ba neng ba sena mekha.
Ho ea ka monghali Ramakeoane litona-kholo tsohle tse bileng teng Lesotho li hlotsoe ho ntlafatsa maphelo a Basotho le naha ea bona. O re Basotho ba lekile ho fetola litona-kholo empa haho nko ho tsoa lemina ntlheng ea lintlafatso, phano ea litšebeletso le kholiso ea moruo.
Khang ea monghali Ramakeoane holim’a ho kopanya Lesotho le Afrika Boroa ke hore ehlile ha ho hlake hore na ke hobaneng kapa ho tlile joang hore Lesotho ebe naha e ‘ngoe kahara naha e ‘ngoe. “Linaha tse peli tsena li lokela ho ba ntho e le ‘ngoe,” o rialo.
O tsoelapele: “Ho nolofatsa maphelo a Basotho, re ka sebelisa bukana e le ‘ngoe ea ho eta le ma Afrika Boroa kapa Lesotho la kena ho Afrika Boroa hoba porofinsi ea leshome. Afrika Boroa e lula e bitsoa khafetsa ho tla rarolla mathata a Lesotho a sa eng meriting ‘me taba eno ke bopaki ba hore Lesotho le keke la phela kantle ho Afrika Boroa.”