Mofumahali Mabela Seeiso Maama eo e neng e le Morena oa sehlooho oa Ha Maama seterekeng sa Maseru, o hlokahetse a le lilemo li 72 a hlokahalla Roma ka la 4 Hlakola monongoaha kamor’a bokuli ba nako e khutšoanyane.
Mofumahali Maama e ne e le setho sa ntlo ea Mahosana (Senate) ‘me ba mo tsebang ba mo pakile ka makhabane a puso e ntle, poloko ea molao le poulelo ea litokelo tsa matlha tsa botho pusong ea hae.
Mofumahali Mabela Maama o ne a hlahe ka selemo sa 1949 a hlahela Matsieng seterekeng sa Maseru. Ke morali oa boraro baneng ba tšeletseng ba bafu Morena Seeiso Graffith le ’M’e ‘Maliako Seeiso. O ile a kena sekolo Sehlabeng Matsieng moo a ileng a phethela lithuto tsa hae tsa mathomo teng.
O ile a kapangoa ka lenyalo le Morena Seeiso Mohale Maama ka selemo sa 1969 ’me ba ile ba sitsoa ka ngoana oa ngoanana a le mong.
Ho tloha ka selemo sa 1994 kamor’a hore mofu Morena Seeiso Mohale Maama a hlokahale, Mofumahali Mabela Maama o ile a tšoara molepo ele Morena oa Sehlooho oa Ha Maama ho fihlela a hlomamisoa ka molao ho nka marapo a borena ka selemo sa 2000.
Mofumahali Mabela Maama ke emong oa marena a neng a loanela tekatekano le ho hloka khethollo litokelong tsa borena ba Lesotho ’me a eme kamor’a ntoa le boitseko ba Khosatsana Senate Gabashiane Masupha hore o lokela ho ja lefa borena ba ntatae, e le ha a e a haneloa ka mabaka a hore moetlo oa borena ba Lesotho ha o lumele.