Lekhotla le phahameng la Lesotho le fumane mapolesa a boemo bo tlase e leng Dlamini Moeketsi le Monaheng ‘Musi ba le molato oa polao ka maikemisetso le tšenyo ea thepa ka ho senya koloi ea phofu ka ho e thunya.
Nyeoeng ena e neng e lutse ka la 10 Tšitoe lekhotleng le phahameng Maseru, bobeli bona bo fumanoe bo ile ba bolaea eo eneng e le hlooho ea tlhatlhobo ea libuka tsa lekhotla la tsamaiso ea motlakase (LEC) mofu monghali Thibello Nteso ketsahalong e etsahetsenbg motseng oa Maseru West haufinayne le feme ea LEC ka la 6 Tlhakola 2017.
Nyeoe ena e fihla pheletsong tjena kamor’a hore bochochisi bo bolelle Moahloli Moroke Mokhesi hore bo koetse bopaki ba bona, ‘me ha bo satla ba le lipaki tse ling hape.