Tonakholo ea Lesotho Moeketsi Majoro o re kamor’a thibelo ea metsamao le ho koaloa hoa boholo ba likhoebo libekeng tse tharo tse fetileng ka sepheo sa ho fokotsa sekhahla sa tšoaetso ea lefu la Corona (Covid-19), Basotho ba sa ntse ba le tsietsing ea lefu lena.
A bua le sechaba ka phirima ka la 2 Hakola, Dr Majoro o re leha holejoalo ‘muso o hlokometse hore ha oa lokela ho loantša lefu la Corona feela empa o lokela hape ho loantša tlala e tobileng Basotho ka lebaka la ho khinoa hoa metsamao le khoebo le khoebisano.
Ka lebaka lena o itse ‘muso o nyehlisa lithibelo ka tsela eo e kekeng ea boela ea eketsa sekhahla sa tšoaetso, empa ka mokhoa oo e ka etsang hore Basotho ba tsoele pele ka mesebetsi ea bona le hore tlhahiso e be teng ho loantša tlala le bofuma.
Dr Majoro o itse nakong eo thibelo e neng e phatlalatsoa batho ba ne ba tšoaetsoa ka sekhahla sa linoko tse 47 lekholong, e leng hore ho batho ba bang le ba bang ba hlahlobiloeng ba leshome, batho ba isang bohlanong ba ne ba fumanoa ba ena le tšoaetso. A re libeke tse tharo kamor’a thibelo eo, ese e kaba batho ba bararo feela ho ba leshome ba hlahlojoang ba fumanoang ba ena le tšoaetso.
A re ka lebaka lena ‘muso o bulela bolokolohi ba metsamao ka ho tlosa naha boemnong ba tlokotsi – ba ‘mala o mofubelu – ho ea ho bo eseng ba tlokotsi ba ‘mala o mosehla. Metsamao e se e tla thibeloa feela ho tloha ka hora ea borobong phirima ho isa ka meso horeng ea bohlano.
Leha holejoalo, Dr Majoro o hlokomelisitse sechaba hore kaha ho bonahala sekhahla sa tšoaetso se ata haholo moo ho nang le mafu nakong eo sechaba se tlosang limonkoana haho jooa lijo tsa mokhohlaneng, ‘muso o tla tsoelapele ka lipehelo mekhohlaneng.
O lemositse hore ke boikarabello ba Mosotho e mong le mong ho ipaballa khahlanong le tšoaetso ea Corona, kahona a ipiletsa ho sechaba ho nka mehato e matla ea boipaballo molemong oa maphelo a sona.