Tona-kholo Moeketsi Majoro o re nako ea ho soasa ka litaba khahlanong le bobolu, bomenemene, bosholu le litlolo tse ling tsa molao, e fihlile pheletsong.
H’a etsa puo ho sechaba sea-le-moeeng sa sechaba, Majoro o itse ‘muso oo a o etelletseng pele o tlo hlokofala ka mahlalong ha rarolla mathata a na a sechaba. “ke phatlalatsa mona hore ‘muso o se ntse o le morerong oa ho theha letšolo le kopanetsoeng la litsi tsa tšireletso ho loantša litlolo tsa molao. Hela babolai le masholu, ha habo lona ke naheng,” a bua joalo Majoro a tiisitse ka hanong.
O bile a supa hore e le baetapele ba naha le li-ofisiri tse kholo tsa ‘muso, bat la lokela hob a mehlala, a ba a laela hore pele matsatsi a leshome le metso e mene, bohle bahlomphehi ba be ba phatlalalitsi maruo a bona, e le hore hot le ho be bobebe hore ba botsoe ha ba se ba bonahala ba rua ka tsela tse tlisang lipotso.
A re e le ho tiisa phethahatso ea toka le tlhompho ea molao, ‘muso o tla tiisa mafapha ohle a sebetsanang le kabo ea toka hore a ikemele, a be le lisebelisoa hore a fihlelle hoohle ho thusetsa Basotho sereng sa tlolo ea molao.