Likhohola tse matla tsa beke ea ho feta li qobelletse ‘muso oa tona-kholo Moeketsi Majoro ho nyehlisa hanyane lipehelo tsa lithibelo tse etselitsoeng sechaba sa Basotho ka lebaka la lefu la Corona (Covid-19).
Lipula tsa litloebelele li ile tsa anela Lesotho ka moka ho tloha ka la 26 Pherekhong ho fihlela ka la 29 Pherekhong monongoaha‘me tsa senya marokho, litsela le lijalo masimong.
Lekala la bophelo le ile la etsa phatlalatso kamor’a moo ea hore ho latela tšenyo e entsoeng ke likhohola litšebeletso tsa meaho le mabenkele a rekisang thepa ea meaho li lumelletsoe ho bula ele ho thusetsa tabeng ea likhohola.
Ho latela tsebiso e ngotsoeng ka letona la bophelo, Monghali Motlatsi Maqelepo, litšebeletso tsa meaho li nkoa e le tsa mantlha maemong ana ‘me li buletsoe ho tloha la 29 Pherekhong, li lebeletsoe ho thusetsa marokhong le matlong a amehileng ke likhohola naha ka bophara.