Kamor’a hore baoki ba Lesotho ba lle seboko sa phohomela le ho ngala mosebetsi bekeng e fetileng, lekhotla le laolang koetliso, ngoliso le bosebeletsi bo botle ba baoki Lesotho, le tšoetse ka mathe ho ngala mosebetsi e le botšoaro bo hlephileng bo khahlanong le melaoana ea tsamaiso ea booki.
Mongolisi oa lekhotla la baoki Lesotho Mofumahali Moetsana Poka o hlokomelisitse baoki ho ikobela melao ea boitšoaro ea booki ’moho le melao ea machaba e laolang boitšoaro ba baoki (International Council of Nursing). O boletse tsena ’mokeng oa baphatlalatsi ba litaba o neng o tšoaretsoe moahong oa ntlo-kholo ea lekala la bophelo ka la 17 Hlakola monongoaha.
Lekhotla la baoki Lesotho le thehiloe ho laola koetliso le bosebeletsi bo botle ba baoki, bapepisi le bathusi ba baoki ka molaoana oa booki le bopepisi oa nomoro ea 49 o entsoeng ka la 17 Phupjane 1998.
Polelo ea lekhotla la booki e tla kamor’a hore baoki ba kene boipelaetsong moo Mofumahali Monica Mokhesi, e leng mongoli e moholo oa mokhatlo oa baoki Lesotho, a bontšitseng hore ke baoki ba 343 e leng karolo ea 96% lekholong ea baoki ba ileng ba lelekoa sepetleleng sa Tšepong moo ba neng ba tseka ho fuoa meputso e phelisang. Mofumahali Mokhesi o supile hore baoki ba ’muso le ba Christian Health Association of Lesotho (CHAL) ba lefshoa meputso e menahanyang ea bona habeli empa ba sena tsebo e batsi ea mosebetsi oa booki ’me ba bile ba rutoa mosebetsi ke bona. A totobatsa hore baoki ba Tšepong ba batla ho pataloa ka sekala seka holimo ho baoki ba ’muso ho latela boemo ba sepetlele seo ba sebetsang ho sona.
O bontšitse hore mathata a bona a qalile ka selemo sa 2012 moo Tšepong, e sebetsang tlas’a sekhele sa NETCARE eo a e hlalosang e le khamphane e nang le chelete e ngata, e ba patalang hanyane haholo ho feta basebetsi ba eona ba sebetsang linaheng tse ling.
Potsong ea hore na ho fihlela ha joale na ’muso o so behile letho tafoleng ho rarolla mathata a bona, Mofumahali Mokhesi o bontšitse hore ba bile le kopano le Tšepong le lekala la bophelo moo mahlakore a sa kang a lumellana kahore na baoki ba Tšepong ba lokeloa ho lefshoa ke mang.