MASERU - Banna ba babeli, oa Nazareth, Maseru, ea lilemo li 22 le letsoalloa la naha ea Zimbabwe le lilemo li 24 le lulang hona Nazareth moo, ba qhaulitsoe ke sepolesa ka pelaello ea bosholu ba bomenemene.
Sena se hlahelletse litlalehong tsa sepolesa tsa beke le beke ntlo-kholo ea Sepolesa sa Lesotho, Maseru.
Phala ea Sepolesa sa Lesotho, Superintendent Mpiti Mopeli, o hlalositse ha litlaleho li supa hore banna bana ba ile ba ea khoebong e ‘ngoe moo e sebetsanang le tšebeletso ea ho romella le ho fumana chelete ka marangrang a Mpesa.
Linokoane tsena sepolesa se re li ile tsa ntša chelete e M20, tsa nto fetola molaetsa romelloang mohaleng oa letsoho ho pakahatsa thomello kapa ho ntša chelete ho o etsa M2 500; ba ile ba bontša mosebeletsi oa khoebo molaetsa oo ‘me ba batla chelete eo e M2 500 ea bolotsana.