MASERU - Mokhatlo o tsamaisang papali ea bolo Lesotho (LeFA) o bonahala o nka nako ea oona pele o ka tlatsa likheo tsa bakoetlisi ba ileng ba lelekoa, e le oa Bahlabani Halemakale Mahlaha le oa Mokoanyane XI, Atang Bob Mafoso.
Bobeli bakoetlisi ba na ba ile ba hatisoa kosene mafelong a selemo se sa tsoa feta le maqalo a sena ka tatellano ke oona mokhatlo ka le reng tšebetsong ea bona e mangoeleng, ’me ba hloloa ho isa lihlopha tsa bona moo mokhatlo o batlang teng. Puisanong e khutšoanyane, raliphatlalatso oa mokhatlo, Mikia Kalati o boletse hore LeFA e nka nako ea eona ho etsa qeto, ’me ha e ea tatela ho tlatsa likheo tseo. Kalati a re mokhatlo o ikemiselitse ho etsa matsapa ohle ho etsa khetho e tla ba tsoela molemo kaha ho hlokahala batho ba tla atleha ho phetha maano a mokhatlo.
O hlalositse hore bakoetlisi ba boletsoeng pejana ba lelekiloe ka lebaka la tšebetso e nyotobetsang mehopeng ea COSAFA e neng e tšoaretsoe Malawi le Zambia ka tatellano moo Bahlabani le Mokoanyane XI li ileng tsa tsoa mekhahlelong ea pele ea litlholisano.
Kalati o re monongoaha, lihlopha ka bobeli li tla bapala litlholisanong tsa machabeng le tsa tikoloho, ’me mokhatlo o hloka ho netefatsa hore ba hloaea bakoetlisi ba hloahloa bakeng sa lihlopha ka bobeli. Leha ho le joalo, ha a qhelela ka thoko menyetla ea ho batla bakoetlisi ba ka nako tsohle ba tla beng ba sa etse mosebetsi lihlopheng tse ling tse itseng.