Ntate Forere Motloheloa “Phau-Manyetse” eo e leng mothehi oa sehlopha sa ’mino oa Famo sa Tau Ea Matšekha, o hlokahetse a le lilemo li 75, a hlokahalla sepetlele Berea ka mor’a bokuli ba nako e khutšoanyane.
Mofu Forere o ne a hlahe ka 1946 motseng oa Futhong, Ha Mohapi seterekeng sa Berea e le ngoana oa bone baneng ba 12 ba bafu Ntate Thuseho le ’Matlholiso Motloheloa.
Eo e neng e le molaoli oa litaba tsa ’mino oa Tau Ea Matšekha, Paul Tladi, ea sebelelitseng mofu ho tloha ka 1980, o hlalositse mofu Forere ene e le motho ea ratang le ho boulela bochaba le ’mino oa bochaba ka tsela e ikhethileng.
Monghali Tladi ea reng mofu Forere o ne a ikemiselitse ho beha ’mino oa Lesotho ’mapeng oa lefatše, o re o ne a kopane le banna ba Basotho ka 1980 ba ileng ba mo bolella hore bona ba batla ho nyahlatsa mosebetsi oa morafo ba shebane le ’mino oa bochaba.
“Ba ne ba sa tsebe na ba tsoa ka lekhalo le feng. Empa kaha kena le thahasello ’minong oa Sesotho, ke ile ka etsa qeto hang hang ea ho sebetsa le bona,” ke Tladi eo.
O re sehlopha sa Tau Ea Matšekha se ile sa tuma Lesotho le Afrika Boroa eohle. “Re ne re etela libaka tse akhang bo Kwazulu-Natal ’me batho ba ne ba rata ’mino ona haholo.”
O re mofu Forere e ne ele motho ea sebetsang ka thata ’me ba ne se ba ntšitse matlapa a 35.
Nakong eo a neng a qala sehlopha sena sa Tau Ea Matšekha, mofu Forere o ne a ena le motsoalle oa hae oa hlooho ea khomo Ntate Apollo Ntabanyane le e mong eo e seng ele mofu Ntate Lepipi Ramoabi. Sehlopha sena se kile sa etela naheng ea Sweden ka 1997.
Banna bana ba Basotho ba ne ba ile ba qapa sehlopha sena sa ’mino ka 1970 ba ntse ba sebetsa merafong leha koano ba ne ba qalile ho bina ’moho ka 1968.
E ’ngoe ea lipina tse ngotsoeng ke mofu Forere, ‘Ke Ikhethetse’, e ile ea tlala lefatše kamor’a hore sebini sa Amerika Paul Simon a e tsoake le ho e bopa ka lebitso la The Boy in the Bubble (ka Sesotho ke ‘Le Letle Lechoabola’) ’me e ile ea hlahella naheng ea Jeremane moo e ileng ea hapa khau ea Graceland ka 1986.