Nalane

Lesotho ke naha e pota-potiloeng ka hohle ke moahelani oa lona a le mong e leng Afrika Boroa. Le boholo bo fetang 30,000 km2(11,583 sq mi) ka sechaba se balloang ho 2,067,000. Motse-moholo oa lona le teropo ea lona e kholo ke Maseru. Lesotho ke setho sa mokhatlo oa Linaha tsa Selekane.

Baahi ba pele-pele ba tsejoang ba Lesotho ke Baroa ba neng ba phela ka ho tsoma. Baroa ba ile ba phaphatheha nakong ea ho fihla ha Bantu tikolohong ena.

Lesotho le neng le bitsoa Basutoland nakong ea likolone, le ropohile e le naha e le ’ngoe tlas’a Morena Moshoeshoe oa Pele ka 1822. Moshoeshoe, mor’a Mokhachane, morenana oa leloko la Bakoteli, o ile a theha sechaba sa hae, ’me eaba morena ka bo-1804. Pakeng tsa 1821 le 1823, eena le balateli ba hae ba ile ba aha thabeng ea Botha-Bothe, ’me ba tlamahana le lira tsa mehleng ho itšireletsa khahlanong le Lifaqane tse neng li amahangoa le puso ea Chaka, morena oa Mazulu ho tloha ka 1818 hofihlela ka 1828.

Maburu ho hlaha Koloni ea Kapa a ile a iponahatsa ka meeling e ka Bophirima ea Basutoland, ’me a fetoha baipehi, ho qala ka Jan de Winnaar, ea ileng a ipeha Matlakeng ka 1838. E itse ha bo-ramapolasi ba bangata ba Maburu ba ntse ba fihla sebakeng seo ba ile ba leka h oho hapa naha e pakeng tsa linoka tse peli, esitana le ka bochabela ho Mohokare, ba bolelisaka hore e lahliloe kherehloa ke Basotho.

Moshoeshoe eaba o tekenela tumellano le ’Musisi oa Manyesemane ea neng a le Koloni ea Kapa Sir George Thomas Napier ea ileng a hokela naha e tikolohong ea Senqu eo Maburu a mangata a ileng a qhanolla ho eona.

Kamor’a lintoa tse ngata le Maburu, Lesotho le ileng la qetella le se le fetohile kolone ea Manyesemane ka 1868 ’me le fumane boipuso ka 1966. Ka Pherekhong 1970 Mokha oa Sechaba sa Basotho (BNP) o neng o busa o ile oa lahleheloa ke likhetho tsa pele kamor’a boipuso ka ho hapa litulo tse 23 ho tse 36 tse hapiloeng ke Lekhotla la Mahatammoho (BCP). Tona-Kholo Leabua Jonathan o ile a hana ho nehelana ka matla a puso ho BCP, a iphatlalatsa e le tona-kholo eaba o hlahlela chankaneng boetapele ba BCP. BCP ea qalella ka lintoa khahlanong le puso ea BNP.

Ka sepheo sa tsamaiso,
Lesotho le arotsoe ka litereke tse leshome,
tseo se seng le se seng se nang le teropo.
Litereke tseo ke Mokhotlong,
Botha-Bothe, Leribe,
Berea, Maseru,
Mafeteng,
Mohale’s Hoek,
Quthing, Qacha’s Nek le Thaba-Tseka.

 

Litereke li tsoetsepele ho aroloa ka mabatooa a 80 a nang le makhotla a puso ea libaka a 129.