Meqoqo, Re Phura Leshoetla|March 4, 2013 7:11 am

Sechaba se tonetse hore na mopapa ho khethoa ofe

on_Emile Tsa'sane

 

Ka Motsamai Mokotjo

MASERU- Kereke e K’hatholike Lesotho le lefatše le tsebile le ho makatsoa ke ho itokolla hoa Mopapa Benedict XVI ka la 28 Hlakola 2013.

Ho ea ka tlhaloso ea Moprista Federico Lombardi, raliphatlalatso oa kereke ena motse-moholo Vatican, mopapa o sa fuoe lebitso la Mopapa Emeritus kamor’a hore a itokolle.

Benedict XVI (86) eo lebitso la hae la tlhaho e leng Joseph Ratzinger oa Jeremane, o ile a lula setulo sena ho tloha ka ’Mesa 2005. O ile a hlalosa ha mokhathala le lilemo li ile, ’me a bontša ha ho hlokahala motho ea matjato ho ntšetsa-pele mosebetsi oa kereke.

Joalokaha Lesotho e le naha e ’ngoe eo kereke ena e leng teng, sechaba se shebile ka leihlo le nchocho ho bona hore na mahosana a kereke (cardinals) a 117 (ao ho ’ona ho nang le mok’hadinale Wilfred Napier eo e leng Moareka-bishopo oa Thekong, Afrika Boroa) ba tla khetha mopapa ofeng.

Likhakanyo  tsa seboka sa babishopo ba kereke e K’hatholike Lesotho tsa 2010 li supa ha batho ba 983 961 e le litho tsa kereke ebile phutheho e hola ka peresente e le ’ngoe lekholong ka selemo.

Ho Re Phura Leshoetla, Mosotho e bile le puisano le mongoli-kakaretso oa seboka sa babishopo ba kereke e K’hatholike Lesotho Moprista Emile Tšasane (ET) ka tsamaiso ea kereke tlas’a Benedict XVI, khetho ea mopapa e mocha le lefu la HIV/AIDS le tse ling. Puisano e tsamaile tjena:

Mosotho: Mopapa Benedict XVI o se a ile phomolong; kereke e bona a ile a alosa le ho tsamaisa kereke joang?

ET: O sebelitse hantle haholo; ke motho ea bohlale, ea tsebang ho bona litaba. O sebelitse lilemo tse 24 le mopapa (John Paul II) enoa ea seng a hlokahetse. Leha e ne e-s’o be  mobishopo (Benedict XVI) o ile a ba teng sebokeng se seholo sa kereke ( Seboka sa bobeli sa Vaticano ka 1962-1965) ’me o bontšitse tsebo-Molimo ea hae. Ke motho eo kamehla thuto ea hae e tobaneng haholo le ho ruta batho ho kena likamanong tse matla le Molimo. Ke ka mokhoa ona nako eo e leng mopapa a ileng a phatlalatsa  selemo sena (2013) e le sa tumelo. Le eena o utloisisa hore tumelo e tlameha e kene bophelong likamanong tse tebileng le Kreste. Motho e mong o akaretsa mesebetsi ea hae (Benedict XVI) ka hore, ‘ke motho ea neng a phela a nyoretsoe ho bona sefahleho sa Kreste le ho eena bophelo ba hae bo fetohe sefahleho sa Kreste’.

Mosotho: Ho latela lipatlisiso tsa kereke e K’hatholike le tse ling, kereke e bonahala e hola Afrika, a na ha se nako ea hore mopapa e-be mo-Afrika?

ET: Ke taba e ka ’nang ea phahamisoa mane (Vatican City) feela ke taba ea hore na moea o halalelang o reng molemong oa kereke. Batho ba bua hore, ‘re ka thabela ha e ka ba mo-Afrika kapa mobishopo oa linaha tse ntseng li hola (moruong). Empa ke taba ea hore na mong’a kereke (Jesu) eena o shebileng. Rona re rapella hore feela ho etsahale thato ea hae. Haeba ho tjena, ke nako ea hore ma-Afrika a fuoe mosebetsi oa ho tsamaisa kereke eohle haeba ke thato ea hae (Jesu) e tla etsahala.

Mosotho: Mo-k’hadinale Roger M. Mahoney oa diocese ea Los Angeles, Amerika eo a qosoang ka ho sireletsa baprista ba hlekefelitseng bana ke karolo ea ba il’ong ho khetha mopapa e mocha. Ho bohlokoa hore Mahoney ebe karolo?

ET: Ntho eo re ka e bolelang ke hore ka hare ho kereke ho tla ba le lifefo le lintho tse tla tsitsinya bophelo ba kereke. Hohle moo a (Mahoney) neng a fihla teng, o ne a bolelloa ke batho ba llang ka tlhekefetso.(Benedict XVI) o itse ba-k’hadinale kaofela ba be teng ho ea khetha ntle le ha ho ka ba le molao o ba thibelang ho etsa joalo. Ha ho na motho ea molato hofihlela ho pakahalitsoe hore o molato. Ha hona motho ea ratoang ke batho bohle. Ho na le ea entseng qeto ea hore h’a na ho ea khetha (ea qosoang ka eona taba ea ho sireletsa baprista ba hlekefelitseng bana, mo-k’hadinale Keith O’Brien oa Scotland). Ha se le hore o ananela tseo a qosoang ka tsona feela o tsoafa taba ea hore o tla khathatsoa ke batho joalokaha u bona ba khathatsa Mahoney tjena.

Mosotho: Eena mo-k’hadinale O’Brien o ile a etsa tlhahiso ea hore baprista ba nyale e le hona ho qoba litaba tsa tlhekefetso ea bana. Kereke moo Lesotho e nkile qeto efeng?

ET: Taba ea ho nyala le ho se nyale, rona re hata mehlaleng ea mong’a rona(Jesu) ea ileng a phela bophelo bono ba bosooa. O ile a ba a ruta hore ho na le bao e leng masooa ka lebaka la ’muso oa Molimo feela ha se ho bolela hore ha se molao (ho nyala hoa baprista) o boemong ba Molimo. Kerekeng e K’hatholike ea bochabela (eo eona e seng tl’asa mopapa) re na le boikhethelo empa ena kereke eo re leng ho eona, ha re na boikhethelo. Re nka hore motho o bitselitsoe bophelo ba boprista, ’me Molimo o mo fa le eona ntho e bitsoang neo e khethehileng ea ho amohela le bona bosooa ka lebaka la moea ona oa hore re hata mehlaleng ea mong’a kereke. Ho na le bao e leng masooa ka lebaka la ’muso oa maholimo. Joale, kereke e K’hatholike e lakatsa joalo hore basebetsi ba eona ba inehele ka moea oa hore ba rata Kreste. Rona Lesotho ha re e-s’o be le maikutlo ano (a ho nyala).

 

Mosotho: Tabeng ea batho ba leqele (litharasi), tlas’a tataiso ea Benedict XVI, kereke e ile ea qhelela thoko taba ea karolo ena ea sechaba.

ET: E ka ba litho tsa kereke;ba ka sebeletsa kereke feela ha se ho bolela hore ka lebaka la hobane ba sekametse mono ba tlameha hore ba latele litšekamelo tsa bona mosebetsing oa kereke. Rona re ntse re lumela hore motho e mong le e mong o lokela hore a busoe ke molao oa baitšoaro. Re ke be ra re hobane ho na le banna ba nyetseng, ba nang le basali ba tsamaee ba robala le basali (kapa banna) ba bang. Ha se ho bolela hore ka lebaka la tšekamelo eno hore motho a ka etsa seno seo tšekamelo e mo susumetsang ho se etsa. Ke litaba tsa boitšoaro mona. Re ka lumela batho ba leqele feela e seng ha ba phela ntho eno, ba be le baitšoaro. Ha ke kholoe hore kereke e ka ba hanela ha ba batla ho e sebeletsa. Ho na le batho ba nang le litšekamelo tseno empa ha re lumele hore e-be tsona tse ba busang.

Mosotho: Mekhatlo ea litokelo tsa botho e supa ha lefu la HIV/AIDS le bolaea sechaba ka bongata, empa  kereke e hanana le tšebeliso ea likhohlopo.

ET: Re phela lefatšeng leo ke boletseng hore le hatetse pele feela ho na le lintho tse ling tseo o ipotsang hore na ha le tsoetse-pele tjena, rea ithuta le ho hlahloba. Ho etsahalang ke hore re ntse re na le khang ka taba ena. U tla fumana hore hona moo ’muso o thusang ho li aba tsona likhohlopo tsena batho ba ntse ba ichoella. Rona re le kereke re shebile taba ea boitšoaro; ha batho ba itšoara hantle, ka ’nete re ka fumana lefu lena le theohile. Taba ena ea tšebeliso ea likhohlopo e fetola le bochaba ba rona. Ha re fa le batho ba e-s’ong ho kene le lenyalong, u tla utloa ho thoe, ‘ha re ba tlohelleng hobane ba senyehile’ le ‘ha re ba tlohelleng ba itsoelle-pele ka mokhoa oo ba ratang ka teng’. Rona re shebile boitšoaro. Ha re nke likhohlopo e le mokhoa oa ho loantša HIV/AIDS. Ha batho ba phelang (ba nyalane) ’moho eba e mong o na le tšoaetso, e mong ke mpho ho e mong. Ba tlameha hore ba bulelane lipelo ba etse qeto. Kereke e ke ke ea ba khethela. Ha pompong e le ena e phuthetsoe ka polastiki ke ea rona re le babeli. Hore na re batla ho e-ja e le ka har’a polastiki, ke taba ea rona.

Mosotho: Ho na le taba ea ho kenya bokreste molaong oa motheo.  Maikutlo a lona ke afeng malebana le taba ee?

ET: Ena ke e ’ngoe ea lintho tseoli ke keng tsa buuoa e le thuto ea kereke, batho ba ka ’na ba ba le tšekamelo eno ka mabaka a bona. Ntho eo ke e llelang ha se hakaalo hore bokreste bo kenngoe malaong empa batho ka bobona ba thopo-thele evangeling, ba phele bokreste e seng bo kenngoe molaong oa motheo. Leha ba ka ea paramenteng ba se hlobole bokreste ba bona, ’me ha bo thopho-thetse ke mona moo ba tla hlompha bokreste. Ha re bakreste kaofela. Ba bang ha ba na ho ba le litokelo hobane ha se bakreste. Honajoale linaheng tsa Mamoseleme moo bomoseleme bo kentsoeng molaong oa motheo, bakreste ha ba na litokelo. Ha se ntho eo re ka ratang ho e etsa Lesotho mona. Thuto ea kereke ke ntho eo re e bitsang bolokolohi ba tumelo.

 

  • Share this post:
  • Facebook
  • Twitter
  • Delicious
  • Digg