Meqoqo|November 9, 2012 1:05 pm

Koekoe ea morao e tloha le sepolo

Ka Kabelo Masoabi

 

Pokello ea lijo naheng ea Lesotho e theohile ka sekhahla se nyarosang nakong ea lilemo tse peli tse latellanang. Tatellano ea boemo ba komello le lipula tse tlileng morao ho nako ea temo ka 2011 ho isa ka 2012 ke bothata bo hlohlolelitseng boemo ba tlokotsi ea tlala ka har’a naha ea Lesotho.

Libaka tsa mabalane tse bang le tlhahiso e holimo le tsona li ile tsa ameha nakong ea temo.

Tlhahiso ea lijo-thollo e bile feela liperesente tse 32 papisong le e tloaelehileng kamehla, ’me e bile e fatše ka ho fetisisa lilemong tse 10 tse fetileng. Sesosa se seholo ke ho fetoha ho sa tsitsang hoa boemo ba leholimo.

Tlaleho e hlophiloeng ke ofisi ea mohokahanyi oa naha oa Mokhatlo oa Linaha tse Kopaneng tikolohong e ka boroa ho Afrika (SADC) ka kopanelo le mekhatlo ea bafani, e fana ka boithuto bo entsoeng ho tloha ka la 1 Phuptjane ho isa ka la 20 Phupu 2012.

Tlaleho e tsoelapele ho bontša hore boemo bona ba tlokotsi bo ama theko ea lijo le lintho tse ling tse phelisang kaha theko e ile ea nyoloha, ‘me ea mpefatsa boemo ba kotulo e mpe.

Ka la 9 Phato monongoaha, Tona-Kholo ea Lesotho Dr Tom Motsoahae Thabane o ile a phatlalatsa boemo ba qomatsi ea tlala, ‘me a mema mekhatlo ea ntlafatso ho thusetsa. Lipalo tsa ka nako eo tsa ’muso li supile ha naha e hloka chelete e kaalo ka ditolara tsa Amerika tse 150,000, 000 ho fenya boemo bona. Liphuputso tsa komiti ea tlhahlobo ea tlokotsi (Lesotho Vulnerability Assessment Committee – LVAC) tse hlahisitsoeng ka la 17 Phupu 2012 li utulutse ha sechaba se ka bang 725,000 se le tlokotsing ea ho hloka lijo.

Ha ‘muso o ntse o seka-seka litaba tsena le mekhatlo e meholo ea ntlafatso ke moo kopo e ileng ea lebisoa ho mofani oa letlole la likoluoa la Central Emergency Relief Fund (CERF), ‘me ka la 21 Phato, chelete e limilone li 6.2 ea ditolara e ile ea tšepisoa ’muso hore e sebetse mafapheng a pokello le tšireletso ea lijo tse abetsoeng ditolara tse 5.4 tsa limilione, bakeng sa mehato e potlakileng e ka thusang lihoai tse hlokang ho anetsa temo hoa fanoa ka limilone tsa ditolara tse 1.1.

Karolo ea lichelete tse ling e ile ea rereloa mafapha a mang a ntlafatso ea maphelo a mangata, ’me thuso ena e bonahetse e fihlile ka nako e nepahetseng ha lihoai li itokisetsa ho kenya mehoma temeng.

Muso oa Lesotho o ile oa toboketsa leano la ho ntlafatsa tlhahiso ea temo le paballo ea lijo ka mokhoa oa hore ho sebelisoe ka hohle-hohle mobu o lemehang, ho khahlametsa lihoai ka lisebelisuoa le ho khothaletsa lihoai ho ithuta ho jala lijo tse sa tšabeng komello.

Muso tlas’a tataiso ea lekala la temo o ile oa theha leano la ho khahlametsa lihoai ka linyehlisetso thekong ea lisebelisuoa tsa temo bakeng sa temo ea lehlabula, ‘me leha e le mona leano le e-s’o phetheloe, lisebelisuoa li hlaheletse e le tsa mofuta oa lipeo, manyolo le tse nosetsang tseo lihoai li tla khahlametsoa ka tsona.

Ka lehlakoreng le leng linyehlisetso tsena li ntse li sa bolele molemo oa letho ho lihoai tse ikapereng ke bofuma kaha li hloka matla a ho reka letho. Qholotso e’ngoe e matla e ka setisang morero o motlehali ona ke hore lihoai li lla ka hore nako ea temo ea lehlabula e se e ba siile e sa le ba lebella ho khahlametsoa ke ‘muso ka lithuso tsa hore ba tle ba qale ho lema khoeling ena.

Monghali Keletso Sejakhomo, eo e leng sehoai Mahobong Leribe, o bontša ha temo ea hlabula ka maloting e qala ka Mphalane hofihlela maqalong a Pulungoana, ‘me ho lengoa haholo mabele. O re ha habo masimo a ntse a omme ha ho e-s’o phetholoe.

O re: “Leha ’muso o ka fana ka lithuso tseo tsa linyehlisetso, temo eona e se ntse e le morao haholo kaha le pula ha e ne.” O tsoelapele ho hlalosa hore ’muso o ba tlaitsi kaha kamor’a ho ba tšepisa ho ba thusa, ba ile ba ema ho lebella lithuso tse joalo athe nako eona e ntse e tsamaea.

Re ka be re tsoetsepele, ra lema ka likhoahla (e le peo) le moiteli oa rona hoja ra tseba hore ho tla ba tjena,” a rialo.

Sehoai se seng Monghali Samuel Sempe oa Thaba-Chitja Kolo, se re se soabisitsoe ke ho hloka botšepehi hoa Lekala la Temo ka ho tšoarisa lihoai phupe ka lefe.

O re: “Ke ne ke ile Ha Foso ka sepheo sa ho reka peo ea mabele haufinyane empa ka fumana ho thoe e felile. Hajoale le mafura a literekere a ntse a nyoloha, ’me ke hlokomela hore temo e morao e tla ba e litjeo li boima haholo ha ’muso o ntse o nanara, o tsamaea joaloka sekolopata tjena.”

Letona la mehleng la temo e bile e le sehoai Monghali Ralechate ’Mokose o itse morero oa ’muso le lihoai ke o motle haholo le ha o bonahala o se o siiloe ke nako. Puisanong le Mosotho ka Moqebolo, ’Mokose o hlalositse ha lihoai le ’muso ba lokela ho penyeletsa hore ka Tšitoe ho be ho phethetsoe ho kenya peo mobung. A re tabeng ea lisebelisuoa tse liehang ho fihla matsohong a lihoai, li lokela ho atametsoa metseng ea tsona e seng hore bohle ba li late Ha Foso.

A hlokomelisa ’muso hore o ele hloko lihoai tsa balotsana, tse ithuisang ka thepa ena. A re: “Ho na le bahoebi ba jang thepa moo e bolokoang e be ba e rekisa hamorao.” A re lekala la temo le lehlohonolo kaha selemong sena le abetsoe chelete e ngata e ka akaretsang ho fihlela litlhoko tsa temo le tlhahiso ea lijo, haholo ha naha e tobane le tlala e tšosang. O bontšitse ho khathatseha haholo ke masimo a mangata, a ntseng a letse a e-s’o lengoe.

“’Na ke ile ka nka monyetla ka lipula tse ileng tsa fafatsa ka hla ka lema ka thata. E se e ka bahoebi ba ka nka monyetla o joalo ha o hlaha kaha ho bonahala pula ena e hana, e oela ka thata,” a rialo.

Akhente Holo ‘Nyane, e le mookameli oa Mokhatlo oa Sechaba le Puso e hloekileng oa ‘Transformation Resource Centre’ oa tšireletso ea litokelo tsa mantlha tsa botho, h’a bua se-ea-le-moeng se seng o bontšitse ha ho fihlile tlhokomelong ea bona hore li teng lihoai tse nang le seboko ka ’muso. A tsoela pele ka hore balli ba na le tokelo ea hore ba ka qosa ’muso ka tahlehelo eo e bang o ba kentse ho eona.

O re haeba feela lihoai li ile tsa kena konterakeng le ’muso tlas’a tumellano ea hore ba tla fumantšoa lithuso pele selemo sa temo se qala, ba na le tokelo eohle ea ho nka ‘muso ka lechoba ha tšepiso e joalo e se e sa phethahala ka nako.

Ho salang ke hore na lipehelo tsa tumellano lipakeng tsa ’muso le lihoai li ne li reng, ’me haeba e mong a se a li tsoile fatše hoo ke phoso joang. O itse ka nako e ’ngoe phoso ena e ka rarolloa ka lipuisano feela e seng hakaalo ka makhotla. A eletsa lihoai tse joalo hore li atamele mokhatlo oa habo ho fumana keletso litabeng tsena.

Letona la Temo le Tlhahiso ea Lijo Mohlomphehi Litšoane Litšoane, ha bua khahlanong le litletlebo tsena o entse polelo thelefishining ea ’muso a hlalosa ha masimo a mangata a se a lenngoe mabalane le ka maloting tlas’a morero ona oa ’muso le lihoai. A re esale morero ona o qalile ka Phato ho bile le sekhahla se seholo sa theko ea menontša le lipeo polokelong e Ha Foso. A supa ha bolotsana bo etsoang ke ba bang ba Basotho ba nang le mapolasi Afrika Boroa bo thefula morero kaha ba reka lisebelisuoa Ha Foso e-be ba li tšelisetsa mapolasing ao a bona.

Hona ke tlolo ea molao e mpe kaha lihoai tsena li sa amehe morerong ona oa ho khahlametsoa hoa lihoai tse lemang Lesotho hobane litšenyehelo tsena ke tlatsetso ea likhafa tsa Basotho,” ho boletse Litšoane.

Muso temong ena ea lehlabula o nyehliselitse lihoai ka khahlametso ea liperesente tse 50 lekholong thekong ea lipeo, menontša, lichefo le ho jala.

  • Share this post:
  • Facebook
  • Twitter
  • Delicious
  • Digg