MASERU – Basotho ba ratang papali ea bolo, ba hlalosa sehlopha sa naha (Likuena) se ba beile fatše hoo ba sitoang le ho ikana ka sona.
Sena se tla kamor’a hore Likuena e iketse ntetekeng ngoana motšeare, ha se ne se nomoroa ke Uganda ka 3–0 mafelong a beke, ha pejana ho moo Likuena e ile ea tlontlolloa ke Free State Stars ea Afrika Boroa ka 9 – 0 mahareng a beke e fetileng, ha Likuena e ne e itokisetsa eona papali ena khahlanong le Uganda.
Papali eo ea Likuena e ne e le leoto la pele la lipapali tsa mantšano ho leba ho AFCON.
“0 – 9, ke eng eona ntho eo?” ho rialo e mong oa barati ba bolo Monghali Pakiso Selope ho hlaha Mafeteng.
Selope a re na haeba feela sehlopha sena ke mokhethoa oa libapali tseo hothoeng lia tšeptjoa Lesotho mona, ke horeng hore ba hloloe hakalo.
A re, “Le Bantu e ne e ka bapala betere.”
Mofumahatsana Palesa Mafela a totobala ka hore na haeba Lesotho lea hloleha bolong, le hloleha hofihlela boemong bona na?
Mofumahatsana Mafela a re bolo ke boitsebiso ba naha ka ’ngoe.
“Na Basotho rea tseba hore bolo e ka aha naha kapa ea e lia? Ke nahana litaba tsa lipapali haholo tsa papali ea bolo ea maoto li lokela ho shejoa ka leihlo le leng,” ho rialo mofumahatsana Mafela.
Lebohang Tseko a hlalosa ka bohale, o re na ele hore Likuena e ntse e-s’o itekole ho lekana hofihlela hajoale.
“Khaale sehlopha sena se le teng. Kea ipotsa na botsamaisi bo ntse bo e-s’o be le maleba-leba a ho se aha kapa ho se tsamaisa na,” Tseko o rialo.
A re o nahana ho fetoloe le lebitso le sehlopha sena hoba nako e ’ngoe lebitso lebe ke seromo.